Numere 33:40-53 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

40. Morena Arade, Mokanana, ya neng a ahile naheng ya Kanana, ka nqa borwa, a utlwa hore bana ba Iseraele ba ya fihla.

41. Ba tloha thabeng ya Hore, ba emisa Tsalmona.

42. Ba tloha Tsalmona, ba emisa Punone.

43. Ba tloha Punone, ba emisa Obothe.

44. Ba tloha Obothe, ba emisa Ije-Abarime, moeding wa Moabe.

45. Ba tloha Ije-Abarime, ba emisa Dibone-Gade.

46. Ba tloha Dibone-Gade, ba emisa Almone-Diblathaime.

47. Ba tloha Almone-Diblathaime, ba emisa thabeng tsa Abarime, pela Nebo.

48. Ba tloha thabeng tsa Abarime, ba emisa mahwatateng a Moabe, pela Jordane, mabapa le Jeriko.

49. Ba emisa pela Jordane, ho tloha Bethe-Jeshimothe ho isa Abele-Sittime, mahwatateng a Moabe.

50. Jehova a bua le Moshe mahwatateng a Moabe, pela Jordane, mabapa le Jeriko,

51. a re: Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlare hobane le tshele Jordane, mme le kene naheng ya Kanana,

52. le tla lelekisa pela lona baahi bohle ba naha, le senye ditshwantsho tsohle tsa bona tsa majwe, le senye ditshwantsho tsohle tsa bona tse tsholotsweng, mme le senye dinqalo tsohle tsa bona tse diphahameng.

53. Le tla hapa naha, mme le tla ikahela ho yona; hobane ke le neile naha, e tle e be leruo la lona.

Numere 33