30. Ba tloha Hashmona, ba emisa Moserothe.
31. Ba tloha Moserothe, ba emisa Bene-Jaakane.
32. Ba tloha Bene-Jaakane, mme ba emisa Hore-Hagidgade.
33. Ba tloha Hore-Hagidgade, ba emisa Jothbatha.
34. Ba tloha Jothbatha, ba emisa Abrona.
35. Ba tloha Abrona, ba emisa Etsione-Gebere.
36. Ba tloha Etsione-Gebere, ba emisa feelleng la Tsine; ke Kadeshe.
37. Ba tloha Kadeshe, ba emisa thabeng ya Hore, pheletsong ya lefatshe la Edomo.
38. Moprista Aarone a nyolohela thabeng ya Hore, ka taelo ya Jehova; a shwela teng, ka tsatsi la pele la kgwedi ya bohlano, ka selemo sa mashome a mane sa ho tswa ha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta.