Numere 33:25-38 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

25. Ba tloha Harada, mme ba emisa Makhelothe.

26. Ba tloha Makhelothe, ba emisa Takathe.

27. Ba tloha Takathe, ba emisa Tara.

28. Ba tloha Tara, ba emisa Mithka.

29. Ba tloha Mithka, ba emisa Hashmona.

30. Ba tloha Hashmona, ba emisa Moserothe.

31. Ba tloha Moserothe, ba emisa Bene-Jaakane.

32. Ba tloha Bene-Jaakane, mme ba emisa Hore-Hagidgade.

33. Ba tloha Hore-Hagidgade, ba emisa Jothbatha.

34. Ba tloha Jothbatha, ba emisa Abrona.

35. Ba tloha Abrona, ba emisa Etsione-Gebere.

36. Ba tloha Etsione-Gebere, ba emisa feelleng la Tsine; ke Kadeshe.

37. Ba tloha Kadeshe, ba emisa thabeng ya Hore, pheletsong ya lefatshe la Edomo.

38. Moprista Aarone a nyolohela thabeng ya Hore, ka taelo ya Jehova; a shwela teng, ka tsatsi la pele la kgwedi ya bohlano, ka selemo sa mashome a mane sa ho tswa ha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta.

Numere 33