Numere 33:2-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Moshe a ngola maeto a bona ho tloha nqalong e nngwe ho isa ho e nngwe ka taelo ya Jehova. Ke ana maeto a bona, kamoo ba tsamaileng kateng:

3. Ba tloha Ramsese ka kgwedi ya pele, ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya pele. Ka tsatsi le hlahlamang la Paseka, bana ba Iseraele ba tswa ka matla pontsheng ya Baegepeta kaofela,

4. ha Baegepeta ba ntse ba epela matsibolo wohle, ao Jehova a a bolaileng hara bona, mohla Jehova a neng a hlahise dikahlolo hodima medimo ya bona.

5. Bana ba Iseraele ba tloha Ramsese, ba emisa Sukkothe.

6. Ba tloha Sukkothe, ba emisa Ethame, pheletsong ya lefeella.

7. Ba tloha Ethame, ba kgelohela nqa Pi-Hahirothe, malebana le Baale-Tsefone, mme ba emisa pela Migdole.

Numere 33