10. Mme bohale ba Jehova ba tuka ka tsatsi leo, mme a hlapanya, a re:
11. Batho bana ba tswileng Egepeta, ho qala ka ya nang le dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo, ba ke ke ba bona naha eo ke hlapantseng, ka re, ke tla e nea Abrahama le Isaaka le Jakobo; hobane ha ba ka ba nkgomarela hantle;
12. haese Kalebe, mora Jefunne, Mokenise, le Joshua, mora Nune, ba ileng ba kgomarela Jehova hantle.
13. Bohale ba Jehova ba tukela Iseraele; a ba dikadikisa feelleng ka dilemo tse mashome a mane, ha ba ha timela moloko wohle wa bao ba neng ba entse bobe pela mahlo a Jehova.
14. Mme bonang, le tlile ho ema bakeng sa bontata lona jwaloka mahlomela a batho ba babe, le tle le boele le totisetse Iseraele bohale ba Jehova.
15. Hobane ha le mo kgeloha, o tla nne a tlohelle Iseraele feelleng, mme le tla biletsa setjhaba sena timelo.
16. Yaba ba atamela Moshe, ba re: Re tla hahela mehlape ya rona masaka mona, le bana ba rona metse;
17. re ntoo phakisa ho hlomela, re etelle bana ba Iseraele pele, re be re ba kenye naheng ya bona; bana ba rona bona ba tla sala metseng e dikilweng ka marako ka baka la baahi ba naha.
18. Re ke ke ra kgutlela matlung a rona, bana ba Iseraele ba eso ho rue e mong le e mong lefa la hae;
19. mme re ke ke ra rua letho hammoho le bona ka mose wane wa Jordane, le ka pele ho moo, kahobane, re tla ba le lefa la rona ka mose o kwano wa Jordane, ka nqa botjhabela.
20. Moshe a re ho bona: Ha le etsa hoo, ha le hlomella ntwa pela Jehova,
21. ha bohle ba lona ba hlometseng ba tshela Jordane pela Jehova, ho fihlela ha a tlositse dira tsa hae pela sefahleho sa hae;
22. ha le sa kgutle naha e eso ho bewe tlasa Jehova, teng le tla hloka molato pela Jehova le pela Iseraele, mme naha ena e tla ba leruo la lona pela Jehova.