Numere 31:43-49 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

43. karolo eo ya phutheho, ya eba dikgutshwane tse dikete tse makgolo a mararo a nang le mashome a mararo a metso e supileng le makgolo a mahlano,

44. le dikgomo tse dikete tse mashome a mararo a metso e tsheletseng,

45. le diesele tse dikete tse mashome a mararo tse nang le makgolo a mahlano;

46. le batho ba dikete tse leshome le metso e tsheletseng.

47. Hodima halofo eo ya dintho tse neilweng bana ba Iseraele, Moshe a nka e nngwe hodima tse mashome a mahlano, leha e le bathong, leha e le diphoofolong; mme ka taelo eo a e neilweng ke Jehova, Moshe a di nea Balevi, e leng balebedi ba tabernakele ya Modimo.

48. Balaodi ba makgotla a ntwa, balaodi ba dikete, le balaodi ba makgolo ba atamela Moshe, mme ba re ho yena:

49. Bahlanka ba hao ba badile bahlabani ba neng ba le taolong ya rona, mme ha ho le a mong wa rona ya hlokahalang.

Numere 31