28. Lefohlong la bahlabani ba ileng ntweng, o nkele Jehova lekgetho; o nke e nngwe hodima tse makgolo a mahlano, leha e le bathong, leha e le dikgomong, le dieseleng, le dikgutshwaneng.
29. Le tla di nka lefohlong la bona, mme o tla di nea moprista Eleasare ka mokgwa wa nyehelo e etsetswang Jehova.
30. Karolong ya bana ba Iseraele, o tla nka e nngwe ho tse mashome a mahlano, leha e le bathong, leha e le dikgomong, le dieseleng, le dikgutshwanyaneng, le diphoofolong tsohle, mme o tla di nea Balevi ba lebelang tabernakele ya Jehova.
31. Moshe le moprista Eleasare ba etsa tsohle tseo Jehova a di laetseng Moshe.
32. Haele kgapo, kantle ho dintho tse neng di nkilwe ke ba neng ba ile ntweng, e ne e le dikgutshwane tse dikete tse makgolo a tsheletseng a nang le mashome a supileng a metso e mehlano;
33. le dikgomo tse dikete tse mashome a supileng a metso e mmedi;
34. le diesele tse dikete tse mashome a tsheletseng a motso o mong;
35. le batho ba dikete tse mashome a mararo a metso e mmedi, ke ho re ba batshehadi ba neng ba eso ho tsebe malao a monna.
36. Halofo e nngwe ya kgapo, e leng lefohlo la ba neng ba ile ntweng, ya eba dikgutshwane tse dikete tse makgolo a mararo a nang le mashome a mararo a metso e supileng le makgolo a mahlano;
37. lekgetho la tseo la Jehova ya eba dikgutshwane tse makgolo a tsheletseng a nang le mashome a supileng a metso e mehlano;
38. dikgomo ya eba tse dikete tse mashome a mararo a metso e tsheletseng; ho tseo, tse mashome a supileng a metso e mmedi tsa nkelwa lekgetho la Jehova;
39. diesele ya eba tse dikete tse mashome a mararo tse nang le makgolo a mahlano; ho tseo, tse mashome a tsheletseng a motso o mong tsa nkelwa lekgetho la Jehova;
40. batho ya eba ba dikete tse leshome le metso e tsheletseng; ho bao, ba mashome a mararo a metso e mmedi ba nkelwa lekgetho la Jehova.