Numere 31:20-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Hape le tla hlatswa diaparo kaofela le dintho tsohle tsa letlalo, le tse entsweng ka boya ba dipodi, le dijana tsa mahong.

21. Moprista Eleasare a bolella bahlanka ba neng ba ile ntweng, a re: Se laetsweng ke Jehova ka molao o neilweng Moshe ke sena:

22. Kgauta, le silefera, le koporo, le tshepe, le boleke, le loto,

23. dintho tsohle tse ka hlolang mollo, le tla di kenya mollong, hore di hlwekiswe; leha ho le jwalo, di tla hlatsuwa le ka metsi a hlatsuo. Tsohle tse ka sitwang ho hlola mollo, le tla di tsobunya metsing.

24. Le tla hlatswa diaparo tsa lona ka la bosupa, mme etlaba le hlwekile; hamorao, le tla dumellwa ho kena diahelong.

25. Jehova a re ho Moshe:

26. Bala thepa le tse hapilweng kaofela, batho le makgomo, o di bale le ena le moprista Eleasare le dihlooho tsa matlo a phutheho.

27. O arole kgapo habedi; karolo e nngwe o e nee bahlabani ba neng ba ile ntweng, e nngwe o e nee phutheho yohle.

28. Lefohlong la bahlabani ba ileng ntweng, o nkele Jehova lekgetho; o nke e nngwe hodima tse makgolo a mahlano, leha e le bathong, leha e le dikgomong, le dieseleng, le dikgutshwaneng.

29. Le tla di nka lefohlong la bona, mme o tla di nea moprista Eleasare ka mokgwa wa nyehelo e etsetswang Jehova.

30. Karolong ya bana ba Iseraele, o tla nka e nngwe ho tse mashome a mahlano, leha e le bathong, leha e le dikgomong, le dieseleng, le dikgutshwanyaneng, le diphoofolong tsohle, mme o tla di nea Balevi ba lebelang tabernakele ya Jehova.

31. Moshe le moprista Eleasare ba etsa tsohle tseo Jehova a di laetseng Moshe.

Numere 31