13. Moshe, le moprista Eleasare, le baholo bohle ba setjhaba, ba tswela ho ba kgahlanyetsa kantle ho diahelo.
14. Moshe a halefela balaodi ba makgotla, le balaodi ba dikete, le balaodi ba makgolo, ba neng ba kgutla ntweng.
15. A re ho bona: Na le tloheletseng basadi kaofela hore ba phele? Ha ke re, ke bona, ka ho latela keletso ya Balaame, ba kgopisitseng bana ba Iseraele hore ba kwenehele Jehova ka taba ya Baale-Peore,
16. sewa sa ba sa wela hodima phutheho ya Jehova?
17. Jwale, bolayang ba batona kaofela ba hara bana, le bolaye mosadi e mong le e mong ya kileng a tsebana le monna diphateng;
18. le mpe le ipolokele barwetsana bohle ba pholohileng ba sa kang ba tseba malao a monna.
19. Haele lona, salang ka ntle ho diahelo ka matsatsi a supileng; bohle ba ho lona ba bolaileng motho le bohle ba amileng setopo, ba tle ba itlhatswe ka la boraro le ka la bosupa, bona hammoho le batshwaruwa ba bona.
20. Hape le tla hlatswa diaparo kaofela le dintho tsohle tsa letlalo, le tse entsweng ka boya ba dipodi, le dijana tsa mahong.
21. Moprista Eleasare a bolella bahlanka ba neng ba ile ntweng, a re: Se laetsweng ke Jehova ka molao o neilweng Moshe ke sena:
22. Kgauta, le silefera, le koporo, le tshepe, le boleke, le loto,
23. dintho tsohle tse ka hlolang mollo, le tla di kenya mollong, hore di hlwekiswe; leha ho le jwalo, di tla hlatsuwa le ka metsi a hlatsuo. Tsohle tse ka sitwang ho hlola mollo, le tla di tsobunya metsing.