11. Ba nka thepa kaofela le kgapo yohle, e leng batho le makgomo;
12. mme ba tshwerweng, le kgapo yohle, le thepa, ba di tlisetsa Moshe, le moprista Eleasare, le phutheho ya bana ba Iseraele diahelong, lehwatateng la Moabe, haufi le Jordane, mabapa le Jeriko.
13. Moshe, le moprista Eleasare, le baholo bohle ba setjhaba, ba tswela ho ba kgahlanyetsa kantle ho diahelo.
14. Moshe a halefela balaodi ba makgotla, le balaodi ba dikete, le balaodi ba makgolo, ba neng ba kgutla ntweng.