Numere 31:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova a bua le Moshe, a re:

2. Pheteletsa bana ba Iseraele ho Bamidiane, o ntoo orohela ho setjhaba sa hao.

3. Yaba Moshe o bua le setjhaba, a re: Hlomellang banna ba lona ba ka yang ntweng, ba futuhele Bamidiane, hore ba phethe phetetso ya Jehova hodima Bamidiane.

4. Le tla romela ntweng banna ba sekete ka leloko le leng le le leng ho meloko yohle ya Iseraele.

5. Yaba hara diketekete tsa Iseraele ho kgethwa banna ba sekete ka leloko le leng le le leng; ke ho re, ha tswa banna ba dikete tse leshome le metso e mmedi ba hlometseng.

6. Moshe a romela banna bao ntweng, e le ba sekete ka leloko le leng le le leng, a romela le bona ntweng mora wa moprista Eleasare, Finease, a jere dintho tse kgethehileng le diterompeta tse mantswe a phepa.

7. Ba futuhela Bamidiane ka taelo eo Jehova a e neileng Moshe, mme ba bolaya ba batona kaofela.

8. Ba bolaya marena a Midiane; boEvi, le Rekeme, le Tsure, le Hure, le Reba, marena a mahlano a Midiane, le yena Balaame, mora Beore, ba mmolaya ka lerumo.

9. Bana ba Iseraele ba hapa basadi ba Bamidiane le bana ba bona, mme ba hapa makgomo a bona kaofela, le mehlape ya bona kaofela, le maruo wohle a bona.

10. Ba tjhesa metse yohle eo ba neng ba ahile ho yana, le masaka wohle a bona.

11. Ba nka thepa kaofela le kgapo yohle, e leng batho le makgomo;

Numere 31