8. Ba tla boloka mesebetsi yohle ya tente ya pokano, le tse beilweng ho bana ba Iseraele, ba tle ba etse tshebetso ya tabernakele.
9. O tla nea Aarone le bara ba hae Balevi: o ba kgethe ho bana ba Iseraele, o mo nee bona ruri.
10. O ngole Aarone le bara ba hae, ba tle ba phethe mosebetsi wa boprista ba bona; moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.
11. Jehova a bua le Moshe, a re:
12. Bona, ke nkile Balevi mahareng a bana ba Iseraele; ke ba nkile bakeng sa matsibolo wohle a tswetsweng ke bomma bana ba Iseraele; ka mokgwa o jwalo Balevi ke ba ka.
13. Hobane matsibolo wohle ke a ka. Mohla ke otlang matsibolo wohle a lefatsheng la Egepeta, ke ne ke ikgethele matsibolo wohle a Iseraele, ho tloha ho a batho ho isa ho a dikgomo; e tla nne e be a ka. Ke nna Jehova.