21. Ka Gershone ho hlahile ntlo ya Balibni le ntlo ya Bashimei; ke ao matlo a Bagershone.
22. Ba ngotsweng ba bona, ha ho balwa, ba batona bohle, ho qala ka ba kgwedi e le nngwe ho isa ho ba fetang moo, ke re, ba ngotsweng ba bona ya eba kete tse supileng tse makgolo a mahlano.
23. Ba matlo a Gershone ba ne ba hloma tente tsa bona kamora tabernakele, ka nqa Bophirimela.
24. Morena wa ntlo ya bontata Bagershone e ne e le Eliasafe, mora Laele.
25. Tseo bara ba Gershone ba neng ba di baballa, tseo e leng tsa tente ya pokano, e ne e le tabernakele le tente, le sekgurumetso sa yona, le lesira la monyako wa tente ya pokano,
26. le masela a lebala, le lesira la monyako wa lebala le teelang tabernakele le aletare hare ka nqa tsohle, le dikgwele tsa tente le tsa mesebetsi yohle ya yona.