Numere 29:37-40 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

37. le nyehelo le ditshelo tsa poho, le tsa pheleu, le tsa konyana, ka palo ya tsona le ka taelo e beilweng.

38. Le tla hlahisa phooko ya sehlabelo sa sebe, kantle ho setjheso sa kamehla le nyehelo le tshelo.

39. Ke wona mahlabelo ao le tla a hlabela Jehova meketeng ya lona, e be ditjheso tsa lona, le dinyehelo tsa lona, le ditshelo tsa lona, le mahlabelo a lona a kgotso, kantle ho a etswang bakeng sa phetho ya maikano, kapa a nyehelwang feela ka ho ithatela ha motho.

40. Moshe a bolella bana ba Iseraele tsohle tseo Jehova a mo laetseng tsona.

Numere 29