12. Ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, le tla ba le phutheho e kgethehileng; le ke ke la etsa mosebetsi le o mong ka lona. Le tla etsetsa Jehova mokete ka matsatsi a supileng.
13. Le tla hlahisa sehlabelo se tjheswang ka mollo, e be setjheso se monko o monate ho Jehova, e leng dipohwana tse leshome le metso e meraro, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse se nang sekodi, tse lemo se le seng.
14. Le tla di ekeletsa ka nyehelo ya lefi la phofo le dubilweng ka ole, e be karolo tse tharo tsa boshome ka e nngwe le e nngwe ya dipohwana tse leshome le metso e meraro,
15. le karolo tse pedi tsa boshome ka e nngwe le e nngwe ya dipheleu tse pedi, le karolo e nngwe le e nngwe ya boshome ka e nngwe le e nngwe ya dikonyana tse leshome le metso e mene.
16. Le tla hlahisa phooko ya sehlabelo sa sebe, kantle ho setjheso sa kamehla le ho nyehelo le tshelo.