1. Jehova a bua le Moshe, a re:
2. Laela bana ba Iseraele, o re ho bona: Sehlabelo sa ka le sejo sa ditjheso tsa ka tse nang le monko o monate ho nna, le bone hore le ntlhahisetse tsona ka nako ya tsona.
3. Ere ho bona: Ke sena setjheso seo le tla se hlahisetsa Jehova: Ka tsatsi le leng le le leng le tla hlahisa dikonyana tse tona tse pedi tse se nang sekodi, tse lemo se le seng, e nne e be setjheso sa kamehla.
4. O tla hlaba konyana e nngwe hosasa, e nngwe mantsiboya;
5. nyehelo e be ya boshome ba efa ya lefi la phofo le dubilweng tekanyong ya bone ya hine ya ole e hlwekileng.
6. Ke setjheso sa kamehla se nnileng sa hlahiswa thabeng ya Sinai; ke sehlabelo se tjheswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.
7. Tshelo e tla ba ya karolo ya bone ya hine hodima konyana ya hosasa; tshelo ya veine e hlwekileng o tla e etsetsa Jehova nqalong e halalelang.
8. O tla hlaba konyana ya bobedi mantsiboya, e ena le nyehelo le tshelo tse jwaloka tsa hosasa; ke sehlabelo se tjheswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.
9. Ka tsatsi la Sabatha, le tla hlaba konyana tse tona tse pedi tse lemo se le seng, tse se nang sekodi; le tla hlahisa nyehelo ya boshome ba bobedi ba efa ya lefi la phofo le dubilweng ka ole, le yona tshelo ya yona.
10. Ke sona setjheso sa Sabatha, sa Sabatha e nngwe le e nngwe, kantle ho setjheso sa kamehla le tshelo ya sona.
11. Qalong ya dikgwedi tsa lona, le tla hlahisetsa Jehova setjheso sa dipohwana tse pedi, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng tse lemo se le seng, tse se nang sekodi;
12. le nyehelo ya pohwana e nngwe le e nngwe, e leng karolo tse tharo tsa boshome ba lefi la phofo le dubilweng ka ole;
13. le nyehelo ya pheleu, e leng karolo tse pedi tsa boshome ba lefi la phofo le dubilweng ka ole; le nyehelo ya konyana e nngwe le e nngwe, e leng karolo e le nngwe ya boshome ba lefi la phofo le dubilweng ka ole. Ke setjheso, ke sehlabelo se tjheswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.
14. Ditshelo e tla ba halofo ya hine ka pohwana; le karolo ya boraro ya hine ka pheleu; le karolo ya bone ya hine ka konyana. Ke sona setjheso sa qalo ya kgwedi, sa kgwedi e nngwe le e nngwe, sa dikgwedi tsohle tsa selemo.
15. Ho tla hlabelwa Jehova phooko, e be sehlabelo sa sebe, kantle ho setjheso sa kamehla le tshelo ya sona.
16. Ka kgwedi ya pele, ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, e tla ba Paseka ya Jehova.