3. Ntata rona o shwetse feelleng; o ne a se sehlopheng sa ba lwantshitseng Jehova, e leng sehlopha sa Kore; empa o shwele bakeng sa sebe sa hae, mme o ne a se na mora.
4. A ke ka baka lang ha lebitso la ntata rona le tloswa lelokong la hae, kahobane a sa ka a ba le mora? O re fe lefa hara banababo ntata rona.
5. Moshe a bea taba ya bona pela Jehova.
6. Yaba Jehova o re ho Moshe: Baradi ba Tselofkade ba bolela.
7. O fele o ba abele naha hara banababo ntata bona, e be lefa la bona; o ba nee lefa la ntata bona jwalo.
8. O bolelle bana ba Iseraele, o re: Etlare ha motho a eshwa a se na mora, le tla nea moradi wa hae lefa la hae.
9. Ha a se na moradi, le tla nea banababo lefa la hae.
10. Ha a se na banababo, le tla nea banababo ntatae lefa le hae.
11. Ha ekaba ho se banababo ntatae, lefa la hae le tla le nea e mong wa leloko la hae ya bapileng le yena haholo, mme ke yena ya tla le rua. Hoo e tla ba molao le tokelo ho bana ba Iseraele, kamoo Jehova a ho laetseng Moshe kateng.
12. Jehova a re ho Moshe: Nyolohela thabeng eo ya Abarime, mme o tadime lefatshe leo ke le neileng bana ba Iseraele.
13. Etlare ha o le bone, le wena o tla orosetswa setjhabeng sa heno, jwalokaha ngwaneno Aarone le yena a orositswe.
14. Hobane le ne le hane taelo ya ka lefeelleng la Tsine, mohla phutheho e hanyetsang, bakeng sa ho ntlotlisa pela batho ka taba ya metsi. Ke wona metsi a Meriba (kganyetso) ya Kadeshe, feelleng la Tsine.
15. Moshe a bua le Jehova, a re:
16. Jehova, Modimo wa meya ya nama yohle, a ke a bee hodima phutheho monna
17. ya ka ba etellang pele ho tsweng le ho kgutleng, ya ka ba ntshang, ya ka ba kgutlisang, hore phutheho ya Jehova e tle e se ke ya eba jwaloka dinku tse se nang modisa.
18. Jehova a re ho Moshe: Nka Joshua, mora Nune, monna eo moya o leng ho yena, o bee letsoho la hao hodima hae.
19. O mmee pela moprista Eleasare le pela phutheho yohle, mme o mo nee ditaelo pontsheng ya bona.