18. Jehova a re ho Moshe: Nka Joshua, mora Nune, monna eo moya o leng ho yena, o bee letsoho la hao hodima hae.
19. O mmee pela moprista Eleasare le pela phutheho yohle, mme o mo nee ditaelo pontsheng ya bona.
20. O tla mo abela karolo e nngwe ya boholo ba hao, hore phutheho yohle ya bana ba Iseraele e mo utlwe.
21. O tla itlhahisa pela moprista Eleasare; eo o tla mo kopela keletso ya Urime pela Jehova; ka taelo ya hae ba tla tswa, ka taelo ya hae ba tla boela ba kene, yena le bana ba Iseraele kaofela, le yona phutheho kaofela.
22. Moshe a etsa kamoo Jehova a mo laetseng kateng. A nka Joshua, a mmea pela moprista Eleasare le pela phutheho kaofela;
23. a bea matsoho a hae hodima hae, mme a mo nea ditaelo, kamoo Jehova a neng a boleletse Moshe kateng.