1. Baradi ba Tselofkade, mora Hefere, mora Gileade, mora Makire, mora Manasse, ba matlo a Manasse, mora Josefa, bao mabitso a bona e leng wona ana: Makla, Nowa, Hogla, Milka le Thirtsa;
2. ba fihla, ba itlhahisa pela Moshe, le pela moprista Eleasare, le pela marena le phutheho yohle, monyako wa tente ya pokano, ba re:
3. Ntata rona o shwetse feelleng; o ne a se sehlopheng sa ba lwantshitseng Jehova, e leng sehlopha sa Kore; empa o shwele bakeng sa sebe sa hae, mme o ne a se na mora.
4. A ke ka baka lang ha lebitso la ntata rona le tloswa lelokong la hae, kahobane a sa ka a ba le mora? O re fe lefa hara banababo ntata rona.
5. Moshe a bea taba ya bona pela Jehova.
6. Yaba Jehova o re ho Moshe: Baradi ba Tselofkade ba bolela.
7. O fele o ba abele naha hara banababo ntata bona, e be lefa la bona; o ba nee lefa la ntata bona jwalo.
8. O bolelle bana ba Iseraele, o re: Etlare ha motho a eshwa a se na mora, le tla nea moradi wa hae lefa la hae.
9. Ha a se na moradi, le tla nea banababo lefa la hae.
10. Ha a se na banababo, le tla nea banababo ntatae lefa le hae.
11. Ha ekaba ho se banababo ntatae, lefa la hae le tla le nea e mong wa leloko la hae ya bapileng le yena haholo, mme ke yena ya tla le rua. Hoo e tla ba molao le tokelo ho bana ba Iseraele, kamoo Jehova a ho laetseng Moshe kateng.