46. Lebitso la moradi wa Asere e ne e le Sera.
47. Ke wona matlo a bara ba Asere ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a mahlano a metso e meraro tse nang le makgolo a mane.
48. Bara ba Nefthali ke bana ka matlo a bona: ka Jahtseele ho hlahile ntlo ya Bajahtseele;
49. ka Guni ntlo ya Baguni; ka Jetsere ntlo ya Bajetsere; ka Shilleme ntlo ya Bashilleme.
50. Ke wona matlo a Banefthali, ka matlo a bona; ba badilweng ba bona ke batho ba dikete tse mashome a mane a metso e mehlano tse nang le makgolo a mane.
51. Ke bona bao bara ba Iseraele ba kileng ba balwa, e leng ba dikete tse makgolo a tsheletseng a motso o mong tse nang le makgolo a supileng a mashome a a mararo.
52. Jehova a bua le Moshe, a re:
53. Lefatshe le tla arolelwa bona, ba tle ba le rue, ka palo ya mabitso:
54. ba fetisang ka bongata o tla ba nea lefa le fetisang ka boholo, ba banyenyane ka palo ya bona o tla ba nea lefa le lenyenyane; e mong le e mong o tla newa lefa le lekaneng le palo ya ba badilweng ba leloko la hae.