Numere 26:36-46 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

36. Ke bana bara ba Shutela: ka Erane ho hlahile ntlo ya Baerane.

37. Ke wona matlo a bara ba Efraime, ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a mararo a metso e mmedi tse nang le makgolo a mahlano. Ke bona bara ba Josefa, ka matlo a bona.

38. Bara ba Benjamine ka matlo a bona ke bana: ka Bela ho hlahile ntlo ya Babela; ka Ashbele ntlo ya Baashbele; ka Akirame ntlo ya Baakirame;

39. ka Shufame ntlo ya Bashufame; ka Hufame ntlo ya Bahufame.

40. Bara ba Bela ke boArade le Naamane. Ka Arade ho hlahile ntlo ya Baarade; ka Naamane ntlo ya Banaamane.

41. Ke bona bara ba Benjamine ka matlo a bona, le ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a mane a metso e mehlano tse nang le makgolo a tsheletseng.

42. Bara ba Dane ke bana ka matlo a bona: ka Shukame ho hlahile ntlo ya Bashukame. Ke wona matlo a Badane, ka matlo a bona.

43. Bashukame ka matlo wohle a bona le ka palo ya bona, ke batho ba dikete tse mashome a tsheletseng a metso e mene tse nang le makgolo a mane.

44. Bara ba Asere ke bana, ka matlo a bona: ka Jimna ho hlahile ba ntlo ya Bajimna; ka Jishvi ntlo ya Bajishvi; ka Beria ntlo ya Baberia.

45. Ka bara ba Beria ho hlahile Hebere le ntlo ya Bahebere; Malkiele le ntlo ya Bamalkiele.

46. Lebitso la moradi wa Asere e ne e le Sera.

Numere 26