21. Bara ba Peretse ya eba Hetsrone; ka yena ho hlahile ntlo ya Bahetsrone; ka Hamule ntlo ya Bahamule.
22. Ke wona matlo a Bajuda, ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a supileng a metso e tsheletseng tse nang le makgolo a mahlano.
23. Bara ba Issaskare, ka matlo a bona, ke bana: ka Thola ho hlahile ntlo ya Bathola; ka Puna ntlo ya Bapuna; ka Jashube ntlo ya Bajashube;
24. ka Shimrone ntlo ya Bashimrone.
25. Ke wona matlo a Issaskare, ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a tsheletseng a metso e mene tse nang le makgolo a mararo.
26. Bara ba Sabulone, ka matlo a bona, ke bana: ka Serede ho hlahile ntlo ya Baserede; ka Elone ntlo ya Baelone; ka Jahaleele ntlo ya Bajahaleele.
27. Ke wona matlo a Basabulone, ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a tsheletseng tse nang le makgolo a mahlano.
28. Bara ba Josefa, ka matlo a bona, ke boManasse le Efraime.
29. Bara ba Manasse ke bona bana: ka Makire ho hlahile ntlo ya Bamakire. Makire a tswala Gileade. Ka Gileade ho hlahile ntlo ya Bagileade.
30. Bara ba Gileade ke bana: ka Jesere ho hlahile ntlo ya Bajesere; ka Heleke ntlo ya Baheleke;