10. Lefatshe la ahlamisa molomo wa lona, la ba metsa hammoho le Kore; mollo wa timetsa batho ba makgolo a mabedi a nang le mashome a mahlano, ba neng ba bokane; ya eba temoso ho setjhaba.
11. Empa bara ba Kore ha ba ka ba eshwa.
12. Bara ba Simeone ka matlo a bona, ke bana: ka Nemuele ho hlahile ntlo ya Banemuele; ka Jamine ntlo ya Bajamine;
13. ka Jakine ntlo ya Bajakine; ka Serake ntlo ya Baserake; ka Saule ntlo ya Basaule.
14. Ke wona ao matlo a Basimeone, ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi tse nang le makgolo a mabedi.
15. Bara ba Gade, ka matlo a bona, ke bana: ka Tsefone ho hlahile ntlo ya Batsefone; ka Haggi ntlo ya Bahaggi; ka Shuni ntlo ya Bashuni;
16. ka Osni ntlo ya Baosni; ka Eri ntlo ya Baeri;
17. ka Arode ntlo ya Baarode; ka Areeli ntlo ya Baareeli.
18. Ke wona matlo a bara ba Gade, ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a mane tse nang le makgolo a mahlano.
19. Bara ba Juda ke Ere le Onane; empa Ere le Onane ba eshwa fatsheng la Kanana.
20. Bara ba Juda ke bana ka matlo a bona; ka Shela ho hlahile ntlo ya Bashela; ka Peretse ntlo ya Baperetse; ka Serake ntlo ya Baserake.