Numere 26:10-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Lefatshe la ahlamisa molomo wa lona, la ba metsa hammoho le Kore; mollo wa timetsa batho ba makgolo a mabedi a nang le mashome a mahlano, ba neng ba bokane; ya eba temoso ho setjhaba.

11. Empa bara ba Kore ha ba ka ba eshwa.

12. Bara ba Simeone ka matlo a bona, ke bana: ka Nemuele ho hlahile ntlo ya Banemuele; ka Jamine ntlo ya Bajamine;

13. ka Jakine ntlo ya Bajakine; ka Serake ntlo ya Baserake; ka Saule ntlo ya Basaule.

14. Ke wona ao matlo a Basimeone, ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi tse nang le makgolo a mabedi.

15. Bara ba Gade, ka matlo a bona, ke bana: ka Tsefone ho hlahile ntlo ya Batsefone; ka Haggi ntlo ya Bahaggi; ka Shuni ntlo ya Bashuni;

16. ka Osni ntlo ya Baosni; ka Eri ntlo ya Baeri;

Numere 26