8. a latella monna wa Moiseraele tenteng ya hae, a ba hlaba ba babedi mpeng, monna wa Iseraele le mosadi. Yaba sewa se fela hara bana ba Iseraele.
9. Ba shweleng ke sewa seo ya eba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
10. Jehova a bua le Moshe, a re:
11. Finease, mora Eleasare, mora wa moprista Aarone, o kgelositse bohale ba ka hodima bana ba Iseraele, kahobane a mpouletse hara bona; ke ka baka leo ke sa kang ka timetsa bana ba Iseraele poulelong ya ka.
12. Ka baka leo, o bolele hore ke etsa selekane sa kgotso le yena.
13. E tla ba ho yena le ho ditloholo tsa hae kamora hae selekane sa boprista bo sa feleng; hobane o bile a tjhesehela Modimo wa hae, mme o hlahiseditse bana ba Iseraele pheko.
14. Lebitso la monna eo wa Iseraele ya hlabilweng, ya neng a bolawe le mosadi wa Midiane, e ne e le Simri, mora Salu, morena wa ntlo e nngwe ya bontata Basimeone.
15. Lebitso la mosadi wa Midiane ya bolailweng, e ne e le Kosbi, moradi wa Tsure, morena wa setjhabana le wa ntlo e nngwe ya bontata Bamidiane.
16. Jehova a bua le Moshe, a re:
17. O etse Bamidiane dira, o ba bolaye;
18. hobane le bona ba le entse jwaloka dira ka ho le qeka ka mano tabeng ya Peore le tabeng ya Kosbi, moradi wa morena e mong wa Midiane, le kgaitsedi ya bona, ya bolailweng ka tsatsi la sewa se kileng sa hlaha ka taba ya Peore.