13. Leha Balake a ka nnea ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nka sitwa ho tlola taelo ya Jehova ka ho etsa botle leha e le bobe ke iqalla; seo Jehova a tla mpolella sona, ke sona seo ke tla se phetha.
14. Jwale, ke ikela ho ba heso; tlo o he, ke o bolelle seo setjhaba sena se tla se etsa ho setjhaba sa hao mehleng e tlang.
15. Balaame a porofeta, a re: Lentswe la Balaame, mora Beore; lentswe la monna ya leihlo le tutubolohileng, lentswe la ya utlwang mantswe a Modimo,
16. la ya tsebang bohlale ba Ya leng hodimodimo, la ya bonang dipono tsa Ya matla wohle, la ya inamang, mme mahlo a hae a ele.
17. Ke a e bona, empa e seng jwale, ke a e boha, empa e seng haufi. Naledi e tswa ho Jakobo, lere la borena le nyoloha Iseraeleng. O hlaba mahlakore a Moabe, mme o timetsa bana bohle ba moferefere;
18. Edomo ke leruo la hae; Seire, sera sa hae, o ruuwa ke yena, mme Iseraele o hlahisa bonatla ba hae;
19. ya tswang ho Jakobo o busa ka borena, mme o senya ba setseng metseng ya bona.
20. Balaame a bona Amaleke, a porofeta, a re: Amaleke ke sehlooho sa ditjhaba, empa ka tsatsi le leng o tla fediswa.
21. Balaame a bona le Bakene, a porofeta, a re: Moaho wa hao o thata, mme sehlaha sa hao o se beile lefikeng.
22. Leha ho le jwalo, Mokene o tla lelekwa, mme Moassiria o tla o nkela hole o le moholehuwa.
23. Balaame a porofeta hape, a re: Jo! ke mang ya tla phela, ha Modimo o se o entse hoo?
24. Dikepe di tla tswa Kittime, di kokobetse Moassiria, di kokobetse le Moheberu; empa hamorao le yena o tla timela.
25. Yaba Balaame o ema, a tloha a kgutlela ha hae; le yena Balake a ya ka tsela ya hae.