7. Yaba Balaame o porofeta, a re: Balake o ntheositse Arame; morena wa Moabe o ntheositse dithabeng tsa botjhabela, ka ho re: Tloo, o nthohakele Jakobo! Tloo, o halefele Iseraele!
8. Na nka rohaka jwang eo Modimo o sa kang wa mo rohaka? Na nka halefela jwang eo Jehova a sa mo halefeleng?
9. Ke a mmona, ke le qhoweng ya mafika; ke a mmoha ke le hlorong ya dithaba; bonang, ke setjhaba se ahang se nnotshi, se sa balweng le ditjhaba.
10. A ke mang ya ka balang lerole la Jakobo, ya ka bolelang karolo ya bone ya palo ya Iseraele? A nke ke shwe lefu la ba lokileng, mme bofelo ba ka bo tshwane le jwa bona!
11. Balake a re ho Balaame: Na o nkentseng? Ke o bitsitse ho rohaka sera sa ka, mme jwale o hlile o se hlohonolofaditse!
12. A araba, a re: Ha ke re, ke tshwanetse ho bolela seo Jehova a se beileng molomong wa ka na?
13. Balake a re ho yena: Tloo le nna hle bakeng sesele, moo o tla se bona; o tla bona karolo e le nngwe feela ya sona, e seng ho se bona kaofela. O nthohakele sona teng.
14. A mo isa tshimong ya Tsofime, qhoweng ya Pisga; teng a haha dialetare tse supileng, a hlaba poho le pheleu aletareng e ngwe le e nngwe.
15. Yaba Balaame o re ho Balake: Ema mona pela setjheso sa hao, mme nna ke tla ya kgahlanyetsa Modimo mane.
16. Jehova a tla ho Balaame, a kenya mantswe molomong wa hae, a re ho yena: Boela ho Balake, o mmolelle hore hoitseng.
17. A boela ho yena, a fihlela Balake a eme pela setjheso sa hae, a ena le matona a Moabe.
18. Balake a mmotsa, a re: Jehova o itseng?
19. Yaba Balaame o porofeta, a re: Tsoha, Balake, o mamele; sekeha tsebe, mora Tsippore! Modimo hase motho, hore o tle o etse leshano, kapa mora motho, hore o tle o bake. Seo o se boletseng, na o ke ke wa se etsa na? Seo o se rerileng, na o ke ke wa se phetha na?
20. Bona, ke laetswe ho hlohonolofatsa! O hlohonolofaditse, nke ke ka ho fetola.
21. Ha o fumane bokgopo ho Jakobo, le tse sa lokang ha o di bone ho Iseraele: Jehova, Modimo wa hae, o na le yena; ke morena wa hae, eo a mo thabelang.
22. Modimo o ne o mo ntshe Egepeta; o na le matla a kang a nare.
23. Jakobo a ke ke a louwa, le Iseraele a ke ke a nohelwa. Jwale ho tla bolellwa Jakobo le Iseraele mosebetsi o sebeditsweng ke Modimo.
24. Ke setjhaba se tsohang jwaloka tau e tshehadi, se itsosang jwaloka tau. Se ke ke sa dula se eso ho harole hlwibilo, se eso ho nwe madi a ba bolailweng.