9. Modimo wa tla ho Balaame, wa re: Ana banna bao o nang le bona ha hao ke bomang na?
10. Balaame a araba Modimo, a re: Balake, mora Tsippore, morena wa Moabe, o ba romile ho nna ka ho re:
11. Bona, setjhaba se tswile Egepeta, mme se apesitse lefatshe; tloo jwale, o se rohake; ekaba mohlomong ke tla se hlola, ke se lelekise.
12. Modimo wa re ho Balaame: O ke ke wa ya le bona, mme o ke ke wa rohaka setjhaba seo, hobane se hlohonolofaditswe.
13. Balaame a tsoha hosasa, a re ho marena a Balake: Kgutlelang fatsheng la lona, hobane Jehova o hana ha ke eya le lona.
14. Marena a Moabe a tloha, a kgutlela ho Balake, a re: Balaame o hanne ho tla le rona.
15. Balake a boela a roma marena a fetisang a pele ka bongata le ka ho hlompheha.
16. A fihla ho Balaame, a re ho yena: Ho thwe ke Balake, mora Tsippore: O se ke wa thibelwa ke letho ho tla ho nna;
17. hobane ke tla o hlompha haholo, mme ke tla etsa tsohle tseo o tla mpolella tsona; ke a o rapela, tloo o nthohakele setjhaba seo.
18. Balaame a araba, a re ho bahlanka ba Balake: Leha Balake a ka nnea ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nke ke ka etsa letho leha le le leng, le lenyenyane leha e le le leholo, le tlolang taelo ya Jehova, Modimo wa ka.
19. Mme jwale, ke a le rapela, a le ke le hlole mona bosiu, hore ke tle ke tsebe seo Jehova a tla boela a mpolelle sona.