Numere 22:8-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Yaba o re ho bona: Hlolang mona bosiu, mme ke tla le nea karabo ka tseo Jehova a tlang ho mpolella tsona. Mme marena a Moabe a hlola ha Balaame.

9. Modimo wa tla ho Balaame, wa re: Ana banna bao o nang le bona ha hao ke bomang na?

10. Balaame a araba Modimo, a re: Balake, mora Tsippore, morena wa Moabe, o ba romile ho nna ka ho re:

11. Bona, setjhaba se tswile Egepeta, mme se apesitse lefatshe; tloo jwale, o se rohake; ekaba mohlomong ke tla se hlola, ke se lelekise.

12. Modimo wa re ho Balaame: O ke ke wa ya le bona, mme o ke ke wa rohaka setjhaba seo, hobane se hlohonolofaditswe.

13. Balaame a tsoha hosasa, a re ho marena a Balake: Kgutlelang fatsheng la lona, hobane Jehova o hana ha ke eya le lona.

14. Marena a Moabe a tloha, a kgutlela ho Balake, a re: Balaame o hanne ho tla le rona.

15. Balake a boela a roma marena a fetisang a pele ka bongata le ka ho hlompheha.

16. A fihla ho Balaame, a re ho yena: Ho thwe ke Balake, mora Tsippore: O se ke wa thibelwa ke letho ho tla ho nna;

Numere 22