7. Baholo ba Moabe le baholo ba Midiane ba tloha, ba nketse senohe dimpho. Ba fihla ho Balaame, bo mo phetela mantswe a Balake.
8. Yaba o re ho bona: Hlolang mona bosiu, mme ke tla le nea karabo ka tseo Jehova a tlang ho mpolella tsona. Mme marena a Moabe a hlola ha Balaame.
9. Modimo wa tla ho Balaame, wa re: Ana banna bao o nang le bona ha hao ke bomang na?
10. Balaame a araba Modimo, a re: Balake, mora Tsippore, morena wa Moabe, o ba romile ho nna ka ho re:
11. Bona, setjhaba se tswile Egepeta, mme se apesitse lefatshe; tloo jwale, o se rohake; ekaba mohlomong ke tla se hlola, ke se lelekise.
12. Modimo wa re ho Balaame: O ke ke wa ya le bona, mme o ke ke wa rohaka setjhaba seo, hobane se hlohonolofaditswe.
13. Balaame a tsoha hosasa, a re ho marena a Balake: Kgutlelang fatsheng la lona, hobane Jehova o hana ha ke eya le lona.
14. Marena a Moabe a tloha, a kgutlela ho Balake, a re: Balaame o hanne ho tla le rona.
15. Balake a boela a roma marena a fetisang a pele ka bongata le ka ho hlompheha.
16. A fihla ho Balaame, a re ho yena: Ho thwe ke Balake, mora Tsippore: O se ke wa thibelwa ke letho ho tla ho nna;
17. hobane ke tla o hlompha haholo, mme ke tla etsa tsohle tseo o tla mpolella tsona; ke a o rapela, tloo o nthohakele setjhaba seo.
18. Balaame a araba, a re ho bahlanka ba Balake: Leha Balake a ka nnea ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nke ke ka etsa letho leha le le leng, le lenyenyane leha e le le leholo, le tlolang taelo ya Jehova, Modimo wa ka.
19. Mme jwale, ke a le rapela, a le ke le hlole mona bosiu, hore ke tle ke tsebe seo Jehova a tla boela a mpolelle sona.
20. Modimo wa tla ho Balaame bosiu, wa re ho yena: Erekaha banna bana ba tlile ho o bitsa, tloha o ye le bona; leha ho le jwalo, o tla etsa seo ke tla o bolella sona.
21. Balaame a tsoha hosasa, a qhaneha esele ya hae, a ya le matona a Moabe.
22. Empa bohale ba Modimo ba tuka kahobane a ile; lengeloi la Jehova la tla ema tseleng, ho mo lwantsha. Balaame o ne a kaletse esele ya hae, mme bahlanka ba hae ba babedi ba ne ba ena le yena.
23. Esele ya bona lengeloi la Jehova le eme tseleng, le tshwere lerumo le tsomotsweng letsohong, mme ya kgeloha tsela, ya leba naheng; mme Balaame a otla esele hore e kgutlele tseleng.
24. Empa lengeloi la Jehova la ema mmileng o pakeng tsa masimo a merara; lerako le ne le le teng ka nqa tse pedi.
25. Esele ya bona lengeloi la Jehova, ya ikgohla ka lerako, ya patisa leoto la Balaame ka lerako; mme Balaame a boela a e otla.