26. Lengeloi la Jehova la tswela pele, la ema nqalong e patisaneng, moo ho neng ho se sebaka sa ho kgelohela ka ho le letona, kapa ka ho le letshehadi.
27. Esele ha e bona lengeloi la Jehova, ya botha tlasa Balaame; mme bohale ba Balaame ba tuka, a otla esele ka thupa ya hae.
28. Yaba Jehova o ahlamisa molomo wa esele, mme esele ya re ho Balaame: Na ke entseng, haele mona o se o nkotlile hararo na?
29. Balaame a re ho esele: Ke kahobane o bapala ka nna; hoja ke ena le lerumo ka letsohong la ka, nka be ke o bolaya hona mona.
30. Esele ya re ho Balaame: Hleka hase nna esele ya hao eo o nnileng wa e palama haesale ke le wa hao, ho fihlela kajeno na? A ke temalo ya ka ho o etsa jwalo na? Mme a araba, a re: Tjhe!
31. Yaba Jehova o tutubolla mahlo a Balaame, mme a bona lengeloi la Jehova le eme tseleng, lerumo le tsomotsweng le le letsohong la lona; a inama, a itihela fatshe ka sefahleho.
32. Lengeloi la Jehova la re ho yena: Ke ka baka lang ha o se o otlile esele ya hao hararo na? Bona, ke tlile ho o lwantsha, hobane ho nna tsela ya hao ke e isang tahlehong.
33. Esele e mpone, mme e se e kile ya kgeloha hararo pela ka. Hoja e sa ka ya kgeloha pela ka, nka ba ke o bolaile, mme nka be ke e tlohetse e phele.
34. Balaame a re ho lengeloi la Jehova: Ke sitilwe kahobane ke ne ke sa tsebe hoba o eme pela ka tseleng; mme jwale, ha o nnyatsa, ke tla kgutla.
35. Lengeloi la Jehova la re ho Balaame: Eya le batho bao; empa o se ke wa bua ho hong, haese lentswe leo ke tla o bolella lona. Mme Balaame a ya le matona a Balake.
36. Ha Balake a utlwa hobane Balaame o a fihla, a tswa, a mo kgahlanyetsa motseng wa Moabe o moeding wa Arnone, pheletsong ya naha.
37. Balake a re ho Balaame: Ha ke re, ke ne ke romele ho wena hore o ye ho bitswa na? A ke ka baka lang ha o sa ka wa tla ho nna na? Hleka nka sitwa ho o etsa ka hlompho na?
38. Balaame a re ho Balake: Bona, ke tlile ho wena; empa na ke na le matla a ho bolela taba na? Ke tla bolela mantswe ao Modimo o tla a bea molomong wa ka.