Numere 22:24-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Empa lengeloi la Jehova la ema mmileng o pakeng tsa masimo a merara; lerako le ne le le teng ka nqa tse pedi.

25. Esele ya bona lengeloi la Jehova, ya ikgohla ka lerako, ya patisa leoto la Balaame ka lerako; mme Balaame a boela a e otla.

26. Lengeloi la Jehova la tswela pele, la ema nqalong e patisaneng, moo ho neng ho se sebaka sa ho kgelohela ka ho le letona, kapa ka ho le letshehadi.

27. Esele ha e bona lengeloi la Jehova, ya botha tlasa Balaame; mme bohale ba Balaame ba tuka, a otla esele ka thupa ya hae.

28. Yaba Jehova o ahlamisa molomo wa esele, mme esele ya re ho Balaame: Na ke entseng, haele mona o se o nkotlile hararo na?

29. Balaame a re ho esele: Ke kahobane o bapala ka nna; hoja ke ena le lerumo ka letsohong la ka, nka be ke o bolaya hona mona.

Numere 22