2. Balake, mora Tsippore, a bona tsohle tseo Baiseraele ba di entseng Baamore.
3. Moabe a tshoha haholo ha a bona setjhaba se sekalo, a tshwarwa ke thothomelo ka baka la bana ba Iseraele.
4. Moabe a re ho baholo ba Midiane: Bongata boo bo ya qeta tsohle tse ka mathoko ho rona, jwaloka dikgomo ha di fula botala ba naha. Mohlang oo, Balake, mora Tsippore, e ne e le yena morena wa Moabe.
5. Yaba o romela manqosa ho ya bitsa Baalame, mora Beore, ya neng a ahile Pethore e pela noka, naheng ya bara ba setjhaba sa hae, mme a re ho yena: Bona, setjhaba se tswile Egepeta; se apesitse lefatshe, mme se ahile mabapa le nna.
6. Tloo ho nna hle, o nthohakele tjhaba seo, hobane se mpheta ka matla; ke moo mohlomong nka se hlolang, ka ba ka se lelekisa naheng ena; hobane ke a tseba hoba eo o mo hlohonolofatsang o hlohonolofetse, mme eo o mo rohakang o rohakilwe.
7. Baholo ba Moabe le baholo ba Midiane ba tloha, ba nketse senohe dimpho. Ba fihla ho Balaame, bo mo phetela mantswe a Balake.
8. Yaba o re ho bona: Hlolang mona bosiu, mme ke tla le nea karabo ka tseo Jehova a tlang ho mpolella tsona. Mme marena a Moabe a hlola ha Balaame.
9. Modimo wa tla ho Balaame, wa re: Ana banna bao o nang le bona ha hao ke bomang na?
10. Balaame a araba Modimo, a re: Balake, mora Tsippore, morena wa Moabe, o ba romile ho nna ka ho re:
11. Bona, setjhaba se tswile Egepeta, mme se apesitse lefatshe; tloo jwale, o se rohake; ekaba mohlomong ke tla se hlola, ke se lelekise.
12. Modimo wa re ho Balaame: O ke ke wa ya le bona, mme o ke ke wa rohaka setjhaba seo, hobane se hlohonolofaditswe.
13. Balaame a tsoha hosasa, a re ho marena a Balake: Kgutlelang fatsheng la lona, hobane Jehova o hana ha ke eya le lona.
14. Marena a Moabe a tloha, a kgutlela ho Balake, a re: Balaame o hanne ho tla le rona.
15. Balake a boela a roma marena a fetisang a pele ka bongata le ka ho hlompheha.
16. A fihla ho Balaame, a re ho yena: Ho thwe ke Balake, mora Tsippore: O se ke wa thibelwa ke letho ho tla ho nna;
17. hobane ke tla o hlompha haholo, mme ke tla etsa tsohle tseo o tla mpolella tsona; ke a o rapela, tloo o nthohakele setjhaba seo.
18. Balaame a araba, a re ho bahlanka ba Balake: Leha Balake a ka nnea ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nke ke ka etsa letho leha le le leng, le lenyenyane leha e le le leholo, le tlolang taelo ya Jehova, Modimo wa ka.
19. Mme jwale, ke a le rapela, a le ke le hlole mona bosiu, hore ke tle ke tsebe seo Jehova a tla boela a mpolelle sona.
20. Modimo wa tla ho Balaame bosiu, wa re ho yena: Erekaha banna bana ba tlile ho o bitsa, tloha o ye le bona; leha ho le jwalo, o tla etsa seo ke tla o bolella sona.
21. Balaame a tsoha hosasa, a qhaneha esele ya hae, a ya le matona a Moabe.