Numere 22:10-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Balaame a araba Modimo, a re: Balake, mora Tsippore, morena wa Moabe, o ba romile ho nna ka ho re:

11. Bona, setjhaba se tswile Egepeta, mme se apesitse lefatshe; tloo jwale, o se rohake; ekaba mohlomong ke tla se hlola, ke se lelekise.

12. Modimo wa re ho Balaame: O ke ke wa ya le bona, mme o ke ke wa rohaka setjhaba seo, hobane se hlohonolofaditswe.

13. Balaame a tsoha hosasa, a re ho marena a Balake: Kgutlelang fatsheng la lona, hobane Jehova o hana ha ke eya le lona.

14. Marena a Moabe a tloha, a kgutlela ho Balake, a re: Balaame o hanne ho tla le rona.

15. Balake a boela a roma marena a fetisang a pele ka bongata le ka ho hlompheha.

16. A fihla ho Balaame, a re ho yena: Ho thwe ke Balake, mora Tsippore: O se ke wa thibelwa ke letho ho tla ho nna;

17. hobane ke tla o hlompha haholo, mme ke tla etsa tsohle tseo o tla mpolella tsona; ke a o rapela, tloo o nthohakele setjhaba seo.

18. Balaame a araba, a re ho bahlanka ba Balake: Leha Balake a ka nnea ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nke ke ka etsa letho leha le le leng, le lenyenyane leha e le le leholo, le tlolang taelo ya Jehova, Modimo wa ka.

19. Mme jwale, ke a le rapela, a le ke le hlole mona bosiu, hore ke tle ke tsebe seo Jehova a tla boela a mpolelle sona.

20. Modimo wa tla ho Balaame bosiu, wa re ho yena: Erekaha banna bana ba tlile ho o bitsa, tloha o ye le bona; leha ho le jwalo, o tla etsa seo ke tla o bolella sona.

21. Balaame a tsoha hosasa, a qhaneha esele ya hae, a ya le matona a Moabe.

22. Empa bohale ba Modimo ba tuka kahobane a ile; lengeloi la Jehova la tla ema tseleng, ho mo lwantsha. Balaame o ne a kaletse esele ya hae, mme bahlanka ba hae ba babedi ba ne ba ena le yena.

Numere 22