5. Na ke ka baka lang ha le re nyolotse Egepeta hore re tlo shwela lefeelleng na? Hobane, mona, ha ho bohobe, ha ho metsi, mme pelo tsa rona di tennwe ke bohobe bona bo sa tsebisahaleng.
6. Yaba Jehova o romela setjhaba dinoha tse tjhesang; tsa loma batho, mme ha eshwa batho ba bangata Iseraeleng.
7. Jwale setjhaba sa tla ho Moshe, sa re: Re sitilwe, hobane re buile hampe ka Jehova le ka wena. Rapela Jehova hore a tlose dinoha tsena ho rona. Moshe a rapella setjhaba.
8. Yaba Jehova o re ho Moshe: Etsa noha e tjhesang, o e fanyehe sefateng; e mong le e mong ya lomilweng, ya tlang ho e tadima, o tla phela.
9. Moshe e etsa noha ka koporo, a e fanyeha sefateng; mme e mong le e mong ya lomilweng ke noha, ha a tadima noha ya koporo, o ne a phela.
10. Bana ba Iseraele ba tloha, ba ya emisa Obothe;
11. ba tloha Obothe, ba ya emisa thakong tsa Abirame, lefeelleng le malebana le Moabe, ka nqa botjhabela.
12. Ba tloha moo, ba emisa sekgutlong sa Serede.
13. Ba tloha teng, ba ya emisa mose wane wa Aarone, e leng noka e phallang feelleng ha e etswa naheng ya Baamore; hobane Arnone ke moedi wa Moabe, mahareng a Moabe le Baamore.
14. Ke ka baka leo ho itsweng Bukeng ya Dintwa tsa Jehova:
15. Vahebe wa Sufa, le dinokana tsa Arnone, le ho phalla ha dinokana ho lebileng nqa Are, ho isa moeding wa Moabe.
16. Ba tloha moo, ba ya Beere. Ke ka sediba seo Jehova a itseng ho Moshe: Bokella setjhaba, mme ke tla se fa metsi.
17. Ke moo Iseraele a kileng a bina sefela sena:
18. Nyoloha, sediba! Se bineleng ka ho arabelana, le roke sediba se tjhekilweng ke marena, se tjhekilweng ke baholo ba setjhaba ka lere la borena, ka mare a bona!
19. Ba tloha feelleng, ba ya Matthana; ba tloha Matthana, ba ya Nahaliele; ba tloha Nahaliele, ba ya Bamothe;
20. ba tloha Bamothe, ba ya sekgutlong se naheng ya Moabe, se fellang qhoweng ya Pisga, ka nqa feelleng.
21. Baiseraele ba roma manqosa ho Sihone, morena wa Baamore, ka ho re:
22. Re dumelle re fete naheng ya hao; re ke ke ra kgelohela masimong, leha e le merareng; re ke ke ra nwa metsi a didiba tse tjhekilweng; re tla ya ka mmila o phatlaletseng, re be re tswe meeding ya hao.
23. Empa Sihone ha a ka a dumella Iseraele ho feta ka naha ya hae; empa a bokella setjhaba sa hae kaofela, a ya kgahlanyetsa Iseraele feelleng. A tla Jahatse, a lwantsha Iseraele teng.
24. Baiseraele ba mo hlola ka bohale ba lerumo, ba nka naha ya hae, ho tloha Arnone ho isa Jabboke, le ho isa moeding wa bana ba Ammone; hobane moedi wa bana ba Ammone o ne o tiisitswe.
25. Baiseraele ba hapa metse yohle, ba aha metseng yohle ya Baamore, Heshbone, le metseng e meng yohle e pusong ya bona.