Numere 20:6-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Moshe le Aarone ba tloha phuthehong, ba ya monyako wa tente ya pokano. Ba wa ka difahleho tsa bona; mme kganya ya Jehova ya ba hlahela.

7. Jehova a bua le Moshe, a re:

8. Nka lere la hao, mme le bitse phutheho, wena le ngwaneno Aarone; le tla bua le lefika pontsheng ya bona, mme ho tla tswa metsi ho lona; o tla ba ntshetsa metsi lefikeng, mme o tla nosa phutheho le dintho tsa yona.

9. Yaba Moshe o nka lere la hae le neng le le pela Jehova, jwalokaha Jehova a mo laetse.

10. Moshe le Aarone ba biletsa phutheho pela lefika.

11. Moshe a re: Mamelang he, lona bahanyetsi! A hleka re tla le ntshetsa metsi lefikeng lena na? Moshe a ntoo emisa letsoho la hae, a otla lefika habedi ka lere la hae. Metsi a tswa a le mangata; batho ba enwa le tsona dintho tsa bona.

12. Yaba Jehova o re ho Moshe: Kahobane le sa ka la dumela ho nna, la nkgalaletsa mahlong a bana ba Iseraele, le ke ke la finyeletsa phutheho ena lefatsheng leo ke le neileng lona.

Numere 20