19. Bana ba Iseraele ba re ho yena: Re tla nyoloha ka mmila o phatlaletseng; ha nna le mehlape ya ka re ka nwa metsi a hao, ke tla a lefa; ha ho ho hong, haese hore ke fete ka maoto a ka.
20. A fetola, a re: O ke ke wa ba wa feta. Jwale Edomo a tswa ho mo kgahlanyetsa ka batho ba bangata le ka letsoho le matla.
21. Edomo a hana jwalo ho dumella bana ba Iseraele ho feta naheng ya hae. Yaba Iseraele o a kgeloha.
22. Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya tloha Kadeshe, ya tla thabeng ya Hore.
23. Mme moo, thabeng ya Hore, moeding wa naha ya Edomo, Jehova a re ho Moshe le Aarone:
24. Aarone o sa ya orosetswa ho ba tjhaba sa hae; hobane a ke ke a kena fatsheng leo ke le neang bana ba Iseraele, ka baka la hobane le kile la hanyetsa taelo ya ka metsing a Meriba.
25. Nka Aarone le mora hae Eleasare, mme o ba nyolosetse thabeng ya Hore.
26. O tla hlobodisa Aarone dikobo tsa hae, o di apese Eleasare, mora hae.
27. Ke moo Aarone a tla shwela teng, a orohe. Moshe a etsa tseo Jehova a mo laetseng tsona. Ba nyolohela thabeng ya Hore mahlong a phutheho kaofela.
28. Moshe a hlobodisa Aarone dikobo tsa hae, a di apesa Eleasare, mora hae. Aarone a shwela moo, qhoweng ya thaba. Mme Moshe le Eleasare ba theoha thabeng.
29. Phutheho yohle ha e bona hoba Aarone o shwele, ntlo yohle ya Iseraele ya llela Aarone ka matsatsi a mashome a mararo.