12. Pela hae, ho hlome ba leloko la Simeone; ke morena wa bana ba Simeone, Shelumiele, mora Tsurishaddai,
13. le lekgotla la hae, ka ba ngotsweng ba hae, ba kete tse mashome a mahlano a metso e robileng mono o le mong, tse nang le makgolo a mararo;
14. le ba leloko la Gade; ke morena wa bana ba Gade, Eliasafe, mora Reuele,
15. le lekgotla la hae, ka ba ngotsweng ba hae, ba kete tse mashome a mane a metso e mehlano, tse nang le makgolo a tsheletseng a nang le mashome a mahlano.
16. Bongata jwa ba ngodilweng, ba diahelo tsa ntlo ya Rubene, ya eba dikete tse lekgolo le le leng le nang le mashome a mahlano a motso o mong, tse nang le makgolo a mane a nang le mashome a mahlano, ka palo ya makgotla a bona. Ke bona ba tlang ho tloha ba bobedi.
17. Jwale, ho ntoo tloha tente ya pokano le Balevi, ba le mahareng a matlo a mang; ba tla tsamaya ka mokgwa oo ba emisang ka wona, e mong le e mong ka ho boloka baka sa hae, tlasa folaga ya habo.
18. Ka nqa bophirimela, ho hlongwe folaga ya ntlo ya Efraime, ka makgotla a yona; ke morena wa bana ba Efraime, Elishama, mora Ammihude,
19. le lekgotla la hae, ka ba ngotsweng ba hae, ba dikete tse mashome a mane, tse nang le makgolo a mahlano.
20. Pela hae, ho hlome ba leloko la Manasse; ke morena wa bana ba Manasse; Gamaliele, mora Pedahtsure,
21. le lekgotla la hae, ka ba ngotsweng ba hae, ba kete tse mashome a mararo a metso e mmedi, tse nang le makgolo a mabedi;
22. le ba leloko la Benjamine; ke morena wa bana ba Benjamine Abidane, mora Gideoni,
23. le lekgotla la hae, ka ba ngotsweng ba hae, ba kete tse mashome a mararo a metso e mehlano, tse nang le makgolo a mane.
24. Bongata jwa ba ngodilweng, ba diahelo tsa ntlo ya Efraime, ya eba dikete tse lekgolo le le leng le metso e robileng meno e le mmedi, tse nang le lekgolo le le leng, ka palo ya makgotla a bona. Ke bona ba tlang ho tloha ba boraro.