5. Le boloke sehalalelo le aletare, hore ho se ke ha hlola ho eba bohale bo tukelang bana ba Iseraele.
6. Bonang, ke nkile banababo lona, Balevi, hara bana ba Iseraele; ba ne ba abetswe Jehova, jwale ba abelwa lona, hore ba tle ba etse tshebetso ya tente ya pokano.
7. Wena le bara ba hao, le tla phetha ditshwanelo tsa boprista ba lona nthong tsohle tsa aletare, le tsa tse ka nqane ho lesira; ke yona tshebetso eo le tla e etsa. Ke le nea tshebetso ya boprista ka mokgwa wa mpho feela. Moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.
8. Jehova a re ho Aarone: Bona, ho ntho tsohle tse kgethwang ke bana ba Iseraele, ke o fa tseo ke di fuwang ka mokgwa wa kabelo; ke o fa tsona; ke di nea wena le bara ba hao e le ditokelo tsa botlotsuwa, ka molao o sa feleng.
9. Tse tlang ho ba tsa hao ho dintho tse kgethehileng haholo, kantle ho tse tlang ho tjheswa ka mollo, ke tsena: dikabelo tsohle tsa bona, le dinyehelo tsohle tsa bona, le mahlabelo wohle a sebe le a melato ao ba tla ntlhahisetsa wona; dintho tseo tse kgethehileng haholo e tla ba tsa hao, le tsa bara ba hao.
10. Le tla di ja nqalong e kgethehileng haholo; monna e mong le e mong o tla di ja; e tla ba tse kgethehileng mahlong a lona.
11. Hape, tse tlang ho ba tsa hao ke dikabelo tseo bana ba Iseraele ba tla di hlahisa ka ho di emisa le ka ho di tsokotsa ka nqa tsohle; tseo ke di nea wena, le bara ba hao, le baradi ba hao, ka molao o sa feleng. E mong le e mong ya hlwekileng tlung ya hao o tla di ja.
12. Ke o nea le dithakangwaha tseo ba tla di hlahisetsa Jehova; tsohle tsa ole e hlwekileng ka ho fetisa, le tsohle tsa veine le tsa koro tse fetisang ka monate.