17. Empa o se ke wa lopollisa letsibolo la kgomo, leha e le letsibolo la nku, leha e le letsibolo la podi, hobane ke dintho tse kgethehileng. O tla tshollela madi a tsona aletareng, o tjhese mafura a tsona; ke sehlabelo se etswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.
18. Nama ya tsona e tla ba ya hao jwaloka sefuba se tsokotsehileng ka nqa tsohle, le jwaloka letsoho le letona.
19. Ke o nea dikabelo tsohle tse kgethehileng tseo bana ba Iseraele ba tla di hlahisetsa Jehova ka ho di emisa, ke re, ke di nea wena, le bara ba hao, le baradi ba hao ka molao o sa feleng. Ke selekane se se nang ho kgaolwa, se sa feleng pela Jehova, se entsweng le wena le ditloholo tsa hao.
20. Jehova a re ho Aarone: O ke ke wa rua letho la naha ya bona, mme o ke ke wa ba le lefa hara Baiseraele; ke nna ke leng lefa la hao, le leruo la hao hara bana ba Iseraele.
21. Ke nea bara ba Levi boshome ba tsohle tsa Iseraele, e be lefa la bona, bakeng sa tshebetso ya bona, tshebetso ya tente ya pokano.
22. Bana ba Iseraele ba ke ke ba hlola ba atamela tente ya pokano, esere mohlomong ba ipakela molato, mme ba eshwa.
23. Balevi ba tla etsa tshebetso ya tente ya pokano, mme ba tla jara bokgopo ba bona. Ba ke ke ba eba le lefa hara bana ba Iseraele; hoo e tla ba molao o sa feleng hara ditloholo tsa bona.
24. Lefa leo ke le fang Balevi, ke boshome ba ntho tsohle boo bana ba Iseraele ba tla bo hlahisetsa Jehova ka ho bo emisa; ke ka baka leo ke bolelang bakeng sa bona hore, ba ke ke ba eba le lefa hara bana ba Iseraele.
25. Jehova a bua le Moshe, a re:
26. O tla bolella Balevi, o re ho bona: Etlare ha le nka ho bana ba Iseraele boshome boo ke le neang bona ka lebitso la bona, e be lefa la lona, le tla nkela Jehova kabelo e emiswang ho boshome boo, e leng boshome ba boshome;
27. mme kabelo eo ya lona e tla ballwa lona jwaloka koro e nkwang seotlong, le jwaloka veine e ntjha e nkwang sehatelong.
28. Ka mokgwa o jwalo, le lona le tla abela Jehova kabelo boshomeng ba ntho tsohle tseo le tla di nka ho bana ba Iseraele, mme le tla nea moprista Aarone kabelo eo, eo le e abetseng Jehova.
29. Dineong tsohle tseo le tla di newa, le tla nkela Jehova dikabelo. Ho tse fetisang ka molemo, le tla kgetha kabelo e kgethehileng.
30. O ba bolelle, o re: Etlare hobane le kgethe se molemo, boshome bo tla ballwa Balevi, jwaloka katleho ya seotlo, le jwaloka katleho ya sehatelo.
31. Le tla bo ja kae le kae, lona le ba matlo a lona; hobane ke moputso wa lona bakeng sa tshebetso eo le e etsang tenteng ya pokano.
32. Le ke ke la bewa molato le o mong bakeng seo, mme etlere ha le nkile se leng molemo, le se ke la senya dikabelo tse kgethehileng tsa bana ba Iseraele, le tle le se tshohe le eshwa.