Numere 18:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova a re ho Aarone: Wena le bara ba hao, le ba ntlo ya ntatao, le tla jara melato e etswang dinthong tse halalelang; wena le bara ba hao, le tla jara melato e etswang tshebetsong ya boprista ba lona.

2. Atametsa banabeno ho wena, ba leloko la Levi, ba leloko la ntatao, ba tle ba o kgomarele, mme ba o sebeletse mohla wena le bara ba hao le leng pela tente ya bopaki.

3. Ba tla boloka seo o tla ba laela sona, le tsa tente yohle; empa ba se ke ba atamela mesebetsi ya sehalalelo, leha e le aletare, esere mohlomong ba timela, hammoho le lona.

4. Ba tla o kgomarela, ba tla boloka tsa tente ya pokano, tseo e leng tsa tshebetso yohle ya tente. Ho se be moditjhaba ya le atamelang.

5. Le boloke sehalalelo le aletare, hore ho se ke ha hlola ho eba bohale bo tukelang bana ba Iseraele.

6. Bonang, ke nkile banababo lona, Balevi, hara bana ba Iseraele; ba ne ba abetswe Jehova, jwale ba abelwa lona, hore ba tle ba etse tshebetso ya tente ya pokano.

7. Wena le bara ba hao, le tla phetha ditshwanelo tsa boprista ba lona nthong tsohle tsa aletare, le tsa tse ka nqane ho lesira; ke yona tshebetso eo le tla e etsa. Ke le nea tshebetso ya boprista ka mokgwa wa mpho feela. Moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.

8. Jehova a re ho Aarone: Bona, ho ntho tsohle tse kgethwang ke bana ba Iseraele, ke o fa tseo ke di fuwang ka mokgwa wa kabelo; ke o fa tsona; ke di nea wena le bara ba hao e le ditokelo tsa botlotsuwa, ka molao o sa feleng.

9. Tse tlang ho ba tsa hao ho dintho tse kgethehileng haholo, kantle ho tse tlang ho tjheswa ka mollo, ke tsena: dikabelo tsohle tsa bona, le dinyehelo tsohle tsa bona, le mahlabelo wohle a sebe le a melato ao ba tla ntlhahisetsa wona; dintho tseo tse kgethehileng haholo e tla ba tsa hao, le tsa bara ba hao.

Numere 18