Numere 16:2-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. ba tsohela Moshe matla, ba ena le banna ba makgolo a mabedi a mashome a mahlano ba bana ba Iseraele, dihlooho tsa phutheho, batho ba baholo ba lekgotla, banna ba mabitso.

3. Ba bokanela Moshe le Aarone, ba re ho bona: Ho lekane! Phutheho kaofela ke batho ba halalelang, mme Jehova o hara bona; ke ka baka lang ha le iphahamisitse kahodimo ho phutheho ya Jehova na?

4. Moshe eitse ha a utlwa taba eo, a itihela fatshe ka sefahleho.

5. Yaba o bua le Kore le letshwele la hae, a re: Ka hosasane, Jehova o tla bontsha eo e leng wa hae, le eo a mo kgethileng hore a be haufi le yena; eo a mo kgethileng, o tla mo atametsa ho yena.

6. Etsang hona: Inkeleng dipitsa tsa dibano, lona boKore le ba letshwele la hae kaofela;

7. le kenye mollo ho tsona, le tshele dibano ho tsona pela Jehova, hosasane, mme monna eo Jehova a tla mo kgetha e tla ba yena ya kgethilweng; ho lekane, bara ba Levi.

8. Moshe a ba a re ho Kore: Mamelang he, lona, bara ba Levi.

9. Hlekane ke ntho e nyenyane ho lona ha Modimo wa Iseraele o le kgethile setjhabeng sa Iseraele, hore o le atametse ho wona hore le phethe tshebetso ya tabernakele ya Jehova, mme le eme kapele ho phutheho ho e sebeletsa na?

10. O o atameditse ho wona, wena le banabeno kaofela, bara ba Levi, hammoho le wena; ha ho le jwalo, le tsekelang boprista na?

Numere 16