14. Etswe o sa ka wa re tlisa naheng e kollang lebese le dinotshi, leha e le ho re nea lefa la masimo le la dirapa tsa merara. Hleka o tla hle o phunye mahlo a banna bana na? Re ke ke ra ya.
15. Yaba Moshe o hlabeha haholo, a re ho Jehova: O se ke wa amohela nyehelo ya bona. Ha ke eso ho ba ke ba amoha leha e le esele feela, mme ha ke a senyetsa le a mong wa bona.
16. Moshe a re ho Kore: Wena le letshwele la hao lohle, le tle le hlahe pela Jehova, wena, le bona, le Aarone, ka hosasane.
17. Le nkeng e mong le e mong pitsa ya hae ya dibano, le kenye dibano ho tsona, mme e mong le e mong a tlise pitsa ya hae ya dibano pela Jehova, e be dipitsa tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano; wena le Aarone, le nke e mong le e mong pitsa ya hae.
18. Yaba monna e mong le e mong wa bona o nka pitsa ya hae, a kenya mollo ho yona, a o tshela ka dibano, mme ba ema monyako wa tente ya pokano hammoho le Moshe le Aarone.
19. Kore a ba memela phutheho yohle pela monyako wa tente ya pokano. Yaba kganya ya Jehova e hlahela phutheho kaofela.
20. Jehova a bua le Moshe le Aarone, a re:
21. Ikgetheng ho phutheho ena, hore ke tle ke timeletse hanghang.
22. Yaba ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: Oho, Modimo, wena, Modimo wa meya ya nama yohle, na leha ho sitilwe motho a le mong, o ka halefela phutheho yohle na?
23. Yaba Jehova o bua le Moshe, a re:
24. Bua le phutheho, o re: Suthang ka nqa tsohle pela meaho ya Kore, le ya Dathane, le ya Abirame.
25. Yaba Moshe o a ema, a ya ho boDathane le Abirame; mme baholo ba Iseraele ba mo sala morao.
26. A bua le phutheho, a re: Tlohang pela ditente tsa banna bao ba babe, mme le se ke la ama letho la bona, esere la timeletswa ka baka la dibe tsohle tsa bona.