4. motho ya hlahisetsang Jehova sehlabelo sa hae, o tla hlahisa nyehelo ya karolo ya leshome ya lefi la phofo le dubilweng ka karolo ya bone ya hine ya ole;
5. le tshelo ya karolo ya bone ya hine ya veine, eo o tla e hlahisa hammoho le setjheso kapa sehlabelo, bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe.
6. Bakeng sa pheleu, o tle o hlahise nyehelo ya dikarolo tse pedi tsa leshome tsa phofo e dubilweng ka karolo ya boraro a hine ya ole;
7. le tshelo ya karolo ya boraro ya hine ya veine, e be monko o monate ho Jehova.
8. Ha o hlahisa pohwana e be setjheso, kapa sehlabelo se phethang maikano, kapa sehlabelo sa teboho ho Jehova,
9. ho tliswe, hammoho le pohwana, nyehelo ya dikarolo tse tharo tsa leshome tsa phofo e dubilweng ka ole e lekanang halofo ya hine;
10. nyehelo ya tshelo e be halofo ya hine ya veine; ke sehlabelo se hlahiswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.
11. Ho nno ho etswe jwalo bakeng sa pohwana e nngwe le e nngwe, kapa sa pheleu e nngwe le e nngwe, kapa sa konyana e nngwe le e nngwe, kapa sa potsanyane e nngwe le e nngwe.
12. Le etse jwalo ka palo ya tseo le di hlahisang, bakeng sa e nngwe le e nngwe, ka palo ya tsona.