Numere 15:24-40 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. ekare ha le sitilwe ka ho se tsebe, phutheho e sa ka ya lemoha, phutheho yohle e tla hlahisa sehlabelo sa pohwana, e be setjheso se monko o monate ho Jehova, hammoho le nyehelo ya sona le tshelo ya sona e loketseng; mme le teng e hlahise phooko ya sehlabelo sa sebe.

25. Moprista a etse pheko bakeng sa phutheho yohle ya bana ba Iseraele, mme ba tla tshwarelwa; hobane ke sebe se entsweng ka ho se tsebe, mme ba tlisitse sehlabelo sa bona e le sehlabelo se etsetswang Jehova ka mollo, le sehlabelo sa sebe pela Jehova, bakeng sa sebe se entsweng ka ho se tsebe.

26. Phutheho yohle ya bana ba Iseraele e tla tshwarelwa, le yena moditjhaba ya aheletseng hara bona, kahobane setjhaba sohle se sitilwe ka ho se tsebe.

27. Ekare ha ho sitilwe motho a le mong ka ho se tsebe, o tla hlahisa sethojana sa podi se selemo se le seng, e be sehlabelo sa sebe.

28. Moprista o tla etsa pheko bakeng sa motho ya sitetsweng Jehova ka ho se tsebe; hobane a etsetswe pheko o tla tshwarelwa.

29. Le tle le be le molao o le mong bakeng sa ya ka sitwang ka ho se tsebe, kapa ke ya tswetsweng hara bana ba Iseraele, kapa ke moditjhaba ya aheletseng hara lona.

30. Empa motho ya etsang ka boomo, kapa e leng ya tswaletsweng ha eno, kapa e leng moditjhaba, yena o hobosa Jehova; motho eo o tla tloswa setjhabeng sa hae.

31. Hobane o nyedisitse lentswe la Jehova, o tlotse molao wa hae, motho eo o tla kgaolwa ruri; o tla jara bokgopo ba hae.

32. Bana ba Iseraele ha ba sa ntsane ba le feelleng, ba tshwara monna a rwalla patsi ka tsatsi la Sabatha.

33. Ba mo tshwereng a rwalla patsi, ba mo tlisa ho Moshe le Aarone, le ho phutheho kaofela.

34. Yaba o a lebelwa, kahobane ho ne ho eso ho bolelwe hoba e ka kgona a etswe jwang.

35. Yaba Jehova o re ho Moshe: Motho eo o tshwanetse ho bolawa; phutheho yohle e tla mo tlepetsa ka majwe kantle ho diahelo.

36. Yaba phutheho yohle e mo isa kantle ho diahelo, ya mo tlepetsa ka majwe, a ba a shwa, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.

37. Jehova a bua le Moshe, a re:

38. Bua le bana ba Iseraele, o ba laele hore ba iketsetse ditjellane mephethong ya diaparo tsa bona, melokong yohle ya bona, mme ba manamise leqhwele le leputswa tjellaneng e mephethong ya diaparo tsa bona.

39. Tjellane eo e rokilweng, etlere ha le e tadima, le hopole ditaelo tsohle tsa Jehova, le di etse; le ke ke la batla tsa boithatelo ba dipelo tsa lona le ba mahlo a lona, kamoo bo ntseng bo le febisa kateng;

40. hore le tle le hopole, mme le etse melao ya ka kaofela, mme le kgethehele Modimo wa lona.

Numere 15