21. Empa, ka nna ya phelang, kganya ya Jehova e tla tlala lefatsheng lohle.
22. Haele batho bana kaofela ba boneng kganya ya ka le mehlolo eo ke e entseng Egepeta le lefeelleng, ba seng ba ntekile ha leshome, ba sa kang ba utlwa lentswe la ka,
23. ruri, ha ho le a mong ho bona ya tla bona lefatshe leo ke hlapanyeditseng bontata bona hore ke tla ba nea lona. Ha ho le a mong ho ba nnyedisitseng ya tla le bona.
24. Empa haele mohlanka wa ka, Kalebe, kahobane moya osele o ho yena, o bile a ntatela ka kutlo e phethehileng, ke tla mo kenya lefatsheng leo a kileng a kena ho lona, mme ditloholo tsa hae di tla le rua.
25. Baamaleke le Bakanana ba ahile mahwatateng; kgutlang ke hona hosasane, mme le ye feelleng ka tsela ya Lewatle le Lefubedu.
26. Jehova a bua le Moshe le Aarone, a re:
27. Na ke tla mamella ho isa neng phutheho ena e mpe e dumadumang ka nna? Ke utlwile medumodumo ya bana ba Iseraele kamoo ba dumadumang ka nna kateng.
28. E re ho bona: Ka nna ya phelang, ho rialo Jehova, ke tla le etsa kamoo le buileng ditsebeng tsa ka kateng.
29. Ditopo tsa lona di tla wa feelleng lena, mme lona bohle ba kileng ba balwa, ho tloha ho ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa pele, lona ba dumadumileng ka nna, ha le ka ke la kena lefatsheng leo ke neng ke le emiseditse letsoho la ka, ka re ke tla le ahisa teng, haese Kalebe, mora Jefunne, le Joshua, mora Nune.
31. Haele bana ba lona, bao le itseng ba tla hapuwa, ke tla ba kenya teng, mme ba tla tseba naha eo le e nyatsitseng.
32. Empa, haele lona ditopo tsa lona di tla sala feelleng;
33. bana ba lona ba tla alosa feelleng ka dilemo tse mashome a mane, ba ntse ba jara moputso wa bootswa ba lona, ditopo tsa lona di be di felle feelleng kaofela ha tsona.
34. Jwalokaha le qetile matsatsi a mashome a mane le hlwela naha, ka mokgwa o jwalo le tla jara kotlo ya makgopo a lona ka dilemo tse mashome a mane, selemo se le seng se eme bakeng sa tsatsi le le leng; mme le tla tseba hore na ke ntho e jwang ha le furaletswe ke nna.