3. Yaba Moshe, ba le lefeelleng la Parane, o ba roma ka taelo ya Jehova; banna bao kaofela e ne e le dihlooho hara bana ba Iseraele.
4. Ke ana mabitso a bona: Lelokong la Rubene, Shammua, mora Sakkure;
5. lelokong la Simeone, Shafathe, mora Hori;
6. lelokong la Juda, Kalebe, mora Jefunne;
7. lelokong la Issaskare, Jigale, mora Josefa;
8. lelokong la Efraime, Hosea, mora Nune;
9. lelokong la Benjamine, Palthi, mora Rafu;
10. lelokong la Sabulone, Gaddiele, mora Sodi;
11. lelokong la Josefa, e leng leloko la Manasse, Gaddi, mora Susi;
12. lelokong la Dane, Ammiele, mora Gemalli;
13. lelokong la Asere, Sethure, mora Mikaele;
14. lelokong la Nefthali, Nakbi, mora Vofsi;
15. lelokong la Gade, Geuele, mora Maki.
16. Ke ao mabitso a banna bao Moshe a ba romileng ho ya hlwela naha; mme Moshe a rea Hosea, mora Nune, lebitso la Joshua.