21. Yaba ba ya, mme ba hlwela naha ho tloha lefeelleng la Tsine ho isa Rehobe, tseleng ya Hamathe.
22. Ba kena ka nqa borwa, ba fihla Hebrone, moo ho neng ho ahile bana ba Anake, boAkimane, Sheshai, le Talmai. Hebrone o ne a hahilwe dilemo tse supileng, motse wa Tsoane wa Egepeta, o eso ho be teng.
23. Ba tswela pele, ba ba ba fihla sekgutlong sa Eshkole; teng ba ekga lekala le nang le lesihla le le leng feela la morara, mme ba babedi ba le jara ka sefate; hape ba ekga digaranata le difeiye.
24. Sebaka seo sa rewa lebitso la Eshkole ka baka la lesihla la morara leo bana ba Iseraele ba neng ba le kge teng.