1. Jehova a bua le Moshe, a re:
2. Roma banna hore ba ye ho hlwela naha ya Kanana, eo ke e neang bana ba Iseraele. Le rome monna ka leloko le leng le le leng la bontata bona, mme bohle e be dihlooho hara bona.
3. Yaba Moshe, ba le lefeelleng la Parane, o ba roma ka taelo ya Jehova; banna bao kaofela e ne e le dihlooho hara bana ba Iseraele.