16. Yaba Jehova o re ho Moshe: Mphuthele banna ba mashome a supileng ba baholo ba Iseraele, bao o ba tsebang hoba ke baholo ba setjhaba le ba nang le matla hodima sona; o ba tlise pela tente ya pokano, hore ba tle ba itlhahise le wena teng.
17. Ke tla theoha, ke bue le wena teng; ke tla nka moyeng o hodima hao, mme ke tla o bea hodima bona; ba tla jara le wena phahlo ya setjhaba, mme ha o sa tla e jara o nnotshi.
18. Haele setjhaba, e re ho sona: Le itlhwekisetse letsatsi la hosasane, le tle le je nama, hobane le kile la lla ditsebeng tsa Jehova, la re: Ke mang ya tla re jesa nama, athe re ne re iketla Egepeta?
19. Jehova o tla le nea nama, mme le tla e ja; le tla e ja, e seng ka tsatsi le le leng, leha e le ka matsatsi a mabedi, leha e le ka matsatsi a mahlano, leha e le ka matsatsi a leshome, leha e le ka matsatsi a mashome a mabedi;
20. tjhe, empa e tla ba ka kgwedi e tletseng, ho fihlela ha nama e etswa dinkong tsa lona, mme e nyekisa dipelo tsa lona; hobane le lahlile Jehova ya leng hara lona, la lla pela hae, la re: A ke ka baka lang ha re tswile Egepeta?